LEFAPHA LA DIPAPADI, BOIKGATHOLLO, BONONO LE SETHO
MORALO WA LEANO LA PUO LA MMUSO WA POROVENSE YA KGAUTENG
DIKAHARE
SELELEKELA
SEPHEO SA MORALO WA LEANO LA PUO LA POROVENSE YA KGAUTENG
MAIKEMISETSO A MORALO WA LEANO
MOLAO WA MOTHEO LE MELAO E TLAMANG
METHEO E TATAISANG
PHUPUTSO KA TSHEBEDISO YA PUO KGAUTENG
PHUPUTSO YA TSHEBEDISO YA PUO MMUSONG WA POROVENSE YA KGAUTENG
DITATAISO TSA TSHEBEDISO YA PUO LE NTSHETSOPELE MMUSONG WA PORORVENSE YA KGAUTENG
PUO E SEBEDISWANG HA HO NGOLWA
PUO YA KGOKAHANYO
KGOKAHANYO YA MATJHABA
PHAHAMISO YA PUO
HO THEHA MATLA
SELELEKELA
Maano a bokolone le apareteite a bakile boemo boo e leng hore tshebediso ya dipuo tse ngata tsa naha e ne e kgellwa fatshe, empa e ne e hatelletswe ka matla a maholo. Hona ho bakile hore ho be le ho se lekane ha dipuo moo e leng hore Senyesemane le Seafrikanse din e di le boemong ba dipuo tsa semmuso, mme ho ne ho etswa ka matla hore di phahamiswe le ho ntshetswa pele ka hohle ka moo ho ka kgonwang ka teng le ha ketso ena e ne e beha dipuo tse ding tsa naha kotsing.
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 o hlalosa hore ho se be sebetswe ka leeme tshebedisong ya tsohle tsa semmuso naheng haholoholo mabapi le ho phahamisa le ho ntshetsa pele ha dipuo tsa naha tse neng di kotelwa mehleng e fetileng. Jwalo ka naha ya dipuo tse ngata Molao wa Motheo le ona o amohela hore, ka ntle ho dipuo tse (leshome le motso o le mong) 11 tsa semmuso, ho na le dipuo tse ding tse jwalo ka Senama, Sekhoi, Sesane le Puo ya Matsoho tseo le tsona di lokelang ho phahamiswa le ho ntshetswa pele.
Kgauteng ke porovense ya matjhaba le ya dipuo tse ngata moo ho sa buuweng feela dipuo tse 11 tsa semmuso tsa Afrika Borwa (Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu), empa ke lelapa la dipuo tse ngata. Taba ena e bakwa ke hore badipolomate, bafallela le baphaphathehi ba tswang dikontinenteng tse ding le dikarolong tse ding tsa lefatshe ba dulang kappa ba mabapi le Kgauteng e le lelapa la bona ka lebaka la boemo ba phedisano ya moruo.
Moralo wa Leano la Porovense ya Kgauteng le ntsheditswe pele ka lebaka la ditlameho tsa Molao wa Motheo wa rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 le Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba (le amohetsweng le ho kgakolwa ka selemo sa 2003 Hlakubele) o fanang ka ditokelo tsa molao wa motheo mabapi le tshebediso ya puo le ntshetso pele. Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba le batla hore diporovense tsohle dir ale maano a tsona a puo ho ya ka Moralo wa leano la Puo la Setjhaba.
Moralo wa Leano la Porovense la Kgauteng ke se etsahetseng ka lebaka la puisano baamehi ba fapaneng boemong ba setjhaba, porovense, le tikolohong ya lehae. Baamehi bana ba kenyeletsa Lefapha la Bonono le Setho le Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba, mafapha a Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ho hlokomelwa haholo Lefapha la Thuto la Kgauteng, Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, Komiti ya Puo ya Kgauteng, bomasepala, Ofisi ya Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng le basebeletsi ba puo. Mokgwa ona wa puisano o tsamaisitswe ke Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono, le Setho le thuswa ke ditsebi tse fapaneng ditshebetsong tsa puo.
Pele ho dipuisano ho ile ha etswa phuputso ya hlahlobo ya puo ke mothusi ya nang le tsebo a batsi ya phuputso le boithuti. Ho ile ha nahanwa hape le ka pokello ya tsebo e teng Palong ya Batho ya 2001; tsebo e tsamaelanang le yona ditokomaneng tsa leano, ha mmoho le sephetho sa Phuputso ya Puo ya Kgauteng.
Boemo bona, bo tsamaelanang le tjhesehelo ( e yeng e be ya maikutlo a phahameng) e matla basebeletsing ba puo le baikitlaetsi, e fana ka mosebetsi o thabisang mabapi le Moralo wa Leano la Puo Kgauteng, le batlang haholoholo ho fana ka ditataiso tse batsi tsa ho sebetsa ka mokgwa wa o ka sebediswang wa dipuo tse ngata.
E boela e amohela diphuputso tsa bohlokwa tsa puo ya phedisano tsa setjhaba tse neng di laetswe ke Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 moo sampole e ka bang teng e hlophisitsweng ya Maafrikborwa a dilemo tse 16 le ho feta moo tsa dihlopha tsohle tsa phedisano ho ba phelang mahaeng le ditoropong. Dibaka tseo ho tsepamuweng ho tsona ke puo ya lapeng le tshebediso ya puo dibakeng tsa poraevete le bophelong ba ka mehla, setjhabeng le mekgatlong, puo ya mosebetsi le ho rupela, maikutlo mabapi le leano la puo, le tshehediso e hlakileng ya puo le ya dipuo tse ngata.
Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Moralo wa Leano la Porovense ya Kgauteng le ona o amohela ditlamo tsa Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa, wa 1996 ho ya ka dipehelo tsa tshebediso ya puo sekolong le ka moo Leano la Puo-Thutong le tsamaelanang le maikutlo a thuto.
SEPHEO SA MORALO WA LEANO LA PUO LA POROVENSE LA KGAUTENG
Sepheo sa Moralo wa Leano la Porovense la Kgauteng ke ho eketsa phahamiso le ntshetsopele ya dipuo tsa naha Kgauteng tse neng di kotetswe.
MAIKEMISETSO A MORALO WA LEANO
Dipheo tsa Moralo wa Puo tsa Porovense tsa Kgauteng jwale di tjena:-
a Ho phethahatsa ho bat eng ha ditokelo tsa puo tse fuperweng Molaong wa Motheowa Rephaboliki ya Afrika Borwa ka ho phahamisa ka boikitlaetso tshebdiso ya dipuo tse ngata;
b Ho phahamisa tshebdiso e hlokang leeme ya dipuo tse 11 tsa semmuso porovenseng, ka ho etsa jwalo ke ho baka hore dintlha tsa phedisano, mmetlo le tokay a puo di be teng;
c Ho thusa ka ho fihlellwa ho lekanang ha ditshebeletso tsa mmuso wa porovense le tsebiso le ho Kenya letsoho ditsamaisong tsa mmuso;
d Ho tshehetsa, ho ntshetsa pele le ho tswellisa tshebediso ya dipuo tse ngata porovenseng le mmusong wa lehae le dikgokahanyo le ditshebedisano tsa bona le setjhaba;
e Ho phethahatsa hore ho be le phetoho dipuong tsa semmuso tse neng di kotelwa mehleng e fetileng tsa porovense;
f Ho sireletsa ho fapana le phahamiso ho ya ka tshebediso ya dipuo tse ngata le kopano;
g Ho phehisa mabapi le ho boloka le tswelopele ya ntshetsopele ya boitsebiso ba rona bo matla le bo fapaneng ba moetlo;
h Ho phehisa mabapi le ho loela ha demokerasi ya rona, ho hahuwa ha setjhaba sa rona, ha mmoho le ho bontsha hore ka nnete re mmuso o hlokomelang le o phethahatseng.
i Ho sisinya ka makala a ho sebedisa, ho lekola puo le kgokahanyo ya maano porovenseng;
j Ho thusa ka tataiso le ho bontsha mabapi le mmuso wa lehae ho ntshetseng pele maano a bona a puo a sebediswang, jwale ebe ho ntshetswa pele tshbediso ya dipuo tse ngata;
k Ho phamisa taolo e ntle ya puo e mabapi le ho sebeletsa setjhaba le ka taolo e phethahetseng le ho boloka tshebediso kgotsofatsang ya ditjhelete; le l Ho ntshetsa pele le ho phahamisa kaho ya setjhaba, ho rata setjhaba sa heno le kopano ya phedisano boemong ba dipuo le meetlo e fapaneng ya Kgauteng
DITLAMO TSA MOLAO WA MOTHEO LE TSA MOLAO
Molao wa Motheo wa rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996:
Tse latelang ke dikarolo tsa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 tse amohetsweng moralong wa Moralo wa Leano la Porovense ya Kgauteng:-
Karolo ya 6 e phatlalatsa hore dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa ke
Karolo ya 6 e amohela nalane ya ho se lekane ha dipuo Afrika Borwa tse bakileng hore ho be le ho fela ha tshebediso le boemo ba dipuo tsa naha, mme di tlama puso hore se etse ho hong le ho rala mekgwa ya ho phahamisa boemo le tswelopele ya tshebediso ya dipuo tseo;
Karolo ya 6 (a) e hlalosa hore mebuso ya naha le ya porovense e sebedise bonyane dipuo tse pedi tsa semmuso mabapi le dipheo tsa mmuso kamohelong ya tshebediso, ho sebetswa, boemo ba lebatowa, ditlhoko le boikgethelo ba setjhaba kaofela ha sona kapa porovenseng e amehang;
Karolo ya 6 (b) e qaqisa hore mebuso ya lehae e amohele tshebediso ya puo le boikgethelo ba bahahi ba yona;
Karolo ya 6 e tlama mebuso ya naha le ya porovense ho laola le ho lekola tshebediso ya tsona ya dipuo tsa semmuso ho hlokomela bohlokwa le tshebetso e hlokang leeme;
Karolo ya 6 e thusa mabapi le ho theha Lekgotla la Dipuo Tsohle Tsa Afrika Borwa ka ho phahamisa le ho ntshetsa pele dipuo tsohle tsa semmuso; dipuo tsa Sekhoi, Senama le Sesane; le Puo ya Matsoho, le ho ntshetsa pele tlhompho ya dipuo tse sebediswang ka mehla Afrika Borwa;
Karolo ya 9 e sireletsa baahi hore ba se ke ba kgeswa ka mokgwa o sa lokang ka ho beha mabaka a puo;
Karolo ya 29 e bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa ka dipuo tseo ba ikgethelang tsona diinstitusheneng tsa setjhaba moo e leng hore thuto eo e ka rutwa. Hore ho tle ho hlokomelwe ho ka fohlellwa ho phethahetseng ho, le tshebediso ya, tokelo ena, ho tlameha hore ho be le ho amohela mekgwa e meng yohle ya thuto e fapaneng ka tekano, tshebetso le ho lokisa diphoso tse fetileng;
Karolo ya s and 31 e phahamisa ditokelo tsa baahi ka ho Kenya letsoho meetlong, bodumeding le dipuong;
Ho ama ha Molao le Maano
Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, wa 1995
Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, wa 1995 jwalo ka ha o fetotswe, hara tse ding, o thusa ho amohela, ho sebedisa le ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata, le ntshetsopele ya dipuo tsa naha tse neng di kotetswe mehleng e fetileng. E boela e laola ho thehwa ha dikomiti tsa porovense tsa puo tse tlamehang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata naheng.
Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ho ya ka Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le se le thehile Komiti ya Puo ya Porovense ya Kgauteng.
Molao wa Dikolo tsa Afrika Borwa, wa 1996
Ho ya ka Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa South African Schools Act SASA e maikemisetsong a ho ka fetolwa dibakeng tse ding le ha ho le jwalo e thusa ha jwale mabapi le Letona la Thuto, ho ya ka Molao wa Motheo le ka mora hoba ho buisanwe le Lekgotla la Matona, ho batlisisa mekgwa le boemo ba leano la puo dikolong tsa setjhaba. O boela o hlalosa hore lekgotla le busang la dikolo tsa setjhaba le ka nna la etsa qeto ka leano la puo la thuto ya sekolo Molaong wa Motheo, Molao ona SASA le molao ofe kappa ofe wa porovense o ka sebediswang.
Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tsebiso, wa 2000
Dipheo tsa Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tsebiso di tla thusa ka ho phethisa tokelo ya molao wa motheo wa ho fihlella tsebiso efe kapa efe eo Puso, mekgatlo ya poraevete kapa batho ba lokelang ho kginwa ho ka molao ba nang le yona. Ka ha phihlello e ka nna yaba ha e lebise feela ho ho fumaneng ka bowena tsebiso , empa e le hore e tlalemaha, ka moo e ka kgonang ka teng, ho ba ka puo eo mokopi a ikgethelang yona.
Moralo wa Leano la Puo wa Setjhaba
Jwalo ka ha Shejulu ya 4 ya Molao wa Motheo e hlalosa hore puo ke sebaka sa tshebetso sa porovense ha mmo le bokgoni ba porovense, Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba le hlalosa hore makala ohle a mmuso (a naha, porovense le mmuso wa lehae) ha mmoho le diinstitushene tse busang setjhaba kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba di tlangwa ke Moralo wa Leano.
Ka ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata, diporovense di lebeletswe ho rala moralo wa leano la tsona la puo ha mmoho le Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba ho amohelwa boemo ba lebatowa, ditlhoko le boikgethelo ba baahi ba tsona. Mokgwa ona wa ho sebetsa o tla lebiswa tlase ho mebuso ya lehae e tla rala maano a ona a puo a leha ho latela Moralo wa Leano wa Porovense.
Mmuso le ona o kgothaletswa, moo ho hlokehang teng, ho tshehetsa kgwebo ho ntshetsa pele le ho sebedisa maano a bona a puo ho ya ka Moralo wa Leano.
Leano la Puo-Thutong
Leano la Puo-Thutong ke leano la naha la puo le sebetsang dibakeng tsa thuto. Sepheo se ka sehloohong ke ho lokisetsa kgokahano hohle ho ya ka merabe, moetlo, puo le bodumedi, ha ka yona nako eo ho etswa hore ho be le boemo ba hore tlhompho ya dipuo tseo e seng tsa hao e kgothaletswe.
METHEO E TATAISANG
Metheo e latelang ke yona ya bohlokwa Moralong wa ona wa Leano:-
a Tlhompho ya ditokelo tsa puo tsa baahi jwalo ka ha di fuperwe Molaong wa Motheo;
b Hlokomela hore ho be le tshebediso e tshwanang ya dipuo tse leshome le motso o le mong tsa semmuso 11 porovenseng;
c Ho phahamisa tshebediso ya ho fapana ha dipuo;
d Ho ntlafatsa matla a dipuo tsohle tsa semmuso ho phehisetsa ntshetsopeleng le ho kenyeng letsoho dipolotiking le moruong wa phedisano;
e Ho ntlafatsa boemo le mesebetsi ya dipuo tse neng di kotetswe mehleng e fetileng Tokiso;
f Ho matalafatsa puo jwalo ka mohlodi wa kgokahanyo ka tshebediso le phethahatso ya tshebediso ya ditjhelete;
g Ho thibela tshebediso ya puo mabapi le dipheo tsa ho sebedisa, kgatello le kgethollo Ho hloka Kgethollo;
h Ho shebana le ditlhoko, ditabatabelo le maikemisetso a ditjhabana tsa puo tse fapaneng;
i Ho sebedisana le diinstitushene tsa setjhaba, poraevete le tse ding le dibaka tse phahamisang tshebediso ya dipuo tse ngata Ditshebedisano;
j H phahamisa ditokelo tsa demokerasi tsa baahi hore ba kenye letsoho haholo mosebetsing wa setjhaba, ho kenyeletswa letsoho ho raleng, tshebedisong ya tekolo ya puo le maano a kgokahanyo;
k Ho phahamisa ho fihlella ha tsebiso le ditshebeletso tsa mmuso ka kgokahanyo e phethahatseng.
l Ho boloka puo ho hlokomela mmuso o arabelang le o sa pateng letho, e arabelang ditlhoko tsa baahi;
m Ho kgathalla le ho dumella boikgethelo ba puo, tshebediso le bokgoni ba dibui tsa puo;
n K mehla ho lekolwa tshebediso le matla a puo le maano a kgokahanyo le ditshebeletso le ho phettwa hape ho phethahetseng ha ho hlokeha.
Puisano ka dipuo tse 11 tsa naha tsa semmuso e tla hlomphuwa e be e kgothaletswe.
Jwalo ka karolo ya metheo ya yona, Leano la Puo-Thutong le laola hore baithuti bohle ba rutwe ka bonyane puo e le nngwe ya naha, dibaka tsohle tsa ho ithuta puo di tla fuwa mehlodi le nako e tshwanang, mme bolaodi ba phethahatso porovenseng bo tla lekanyetsa leano ka tswelopele ya ditlhoko tse mabapi le dipuo e le dithuto ho ya ka ditlwaelo tsa setjhaba.
KANANELO YA TSHEBETSO
Kananelo ya tshebetso ya Moralo wa Leano e tla kenyeletsa Mafapha a Mmuso wa Kgauteng wa Porpovense, Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng, bomasepala ba amohelang tshebediso ya lebatowa ya puo le boikgethelo, le diinstitushene Porovenseng tse ang le matla kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba. Dikgwebo tsa poraevete le mekgatlo eo e seng ya mmuso le yona e tla kgothaletswa ho ntshetsa pele maano a ona a puo ho a ka Moralo wa Leano.
PHUPUTSO KA TSHEBEDISO YA PUO KGAUTENG
Theibole ka tlase mona e atametsa dipersente tsa tlhahiso ya puo ya lapeng ya Kgauteng le ya Afrika Borwa ho ya ka Palo ya Batho ya 2001.
Puo
Afrika Borwa
Tshivenda
Dipalo tse ka hodimo mona di bontsha hore isiZulu ke puo ya lapeng e buuwang ke atho ba fetang 20% ya palo ya setjhaba porovenseng le naheng. Ke taba ya bohlokwa hape ho hlokomela hore le ha Senyesemane se sebediswa haholo jwalo ka puo ya kgwebo le saense, e boemong ba bone le ba botshelela porovenseng le naheng ka ho latellana. Hona ho boela ho bontsha hore ha ho puo e okametseng tse ding tsa lapeng porovenseng , empa ho na le tshebediso ya dipuo tse ngata eo e leng hore dipuo tse hlano tse ka hodimo tsa lapeng di buuwa ka botsona ho feta diperesente tse 10 tsa palo ya setjhaba, tseo e reng ha di kopanngwa, di eba 70% tsa palo ya setjhaba tsa porovense.
Tse latelang ke boemo ba dipuo tsa lehae ka moo di behilweng ka teng ka Palo ya Setjhaba ya 2001 e bontshang dipuo tse nang le batho ba bangata ba di sebedisang ho ya ka boholo ba tsona:
Tshebediso ya Moralo wa Leano la Puo la Kgauteng le dumelle le be le ele hloko diphaphano tse ka hodimo mona. Ho akanngwa hore dipuo tse ding ha din a dipalo tse hodimo tse kaalo hore di sebediswe porovenseng, di mpa di le hodimo ka dipalo mmusong wa lehae, mme ka lebaka lena di tla amohelwa mmusong wa lehae le mesebetsi ya porovense e tla sebediswa mmusong wa lehae.
PHUPUTSO YA TSHEBEDISO YA PUO MMUSONG WA POROVENSE YA KGAUTENG
Ka selemo sa 2003 Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le ile la laela hore ho be le phuputso ka dintlha tsa puo le kgokahanyo ya mafapha a Mmuso wa Porovense ya Kgauteng. Sepheo sa ho bokella dintlha e ne e le ho lekanyetsa ditlhoko tsa puo (ho kenyeletswa mehlodi) le boikgethelo ba taolo le ditlelaente tsa ditshebeletso tsa porovense.
Ka ho buisana le setjhaba ka dintlha tsa ho sebeletsa (ditshebeletso tsa mantlha), dintlha tse bokelletsweng di fana ka moelelo wa seo boholo ba bahlanka ba mmuso ba se buang le ditlelaente haholo ka puo e le nngwe kapa tse ngata tsa naha ho feta Senyesemane le Seaforikanse le boholo ba basebedisi ba ditshebeletso tsa mmuso di di sebedisang dipuo tsa naha haholo ka teng. Sepetleleng sa porovense, ho tea Mohlala, dintlha tse bokelletsweng di bontshitse hore tshebediso ya puo e etswa ke mohlanka wa mmuso e ne e le 7,9%, 36,8% le 58,5% ka Seaforikanse, Senyesemane le puo ya Afrika ka ho latellana.
Maemo a fetoha taolong ka ha karabo ya moifo wa basebeletsi o ne o re direkoto, pehelo le ho buisana ka semmuso di ne di etswa ka Senyesemane eo e leng hore ha se puo e sebediswang haholo ha ho buuwa ka mehla ke basebeletsi.
E boela e hlwaya tlhokeho e kgolo ya ditshebeletso tsa phetolelo le e bohlokwahadi ya ho sebeletswa ka tshebediso ya puo ya lapeng. Hona ho tla sebediswa ka ho bua le ho ngola.
Le ha ho sa etswa phuputso ya saense, ha se mafapha ohle a fetoletseng ditokomane tsa ona tsa mokgwa wa tshebetso dipuong tse itseng tsa naha. Le ha ditekanyetso tsa ditjhelete tsa mafapha a fapaneng e le tsona di kginang mabapi le ho tswela pele ka matla ho fetolelelng ditokomane tsa mokgwa wa ho sebetsa, ho na le tlwaelo e ntle ya ho fetolela kapa ho toloka ditokomane tsena dipuong tsa naha. Mohlala o le mong e tla ba tshebediso ya dipuo tse pedi tsa naha phetolelong ya Tekanyetso ya Tjhelete ya Porovense ya 2005.
DITATAISO TSA TSHEBEDISO YA PUO LE NTSHETSOPELE MMUSONG WA POROVENSE YA KGAUTENG
Mmuso wa Porovense ya Kgauteng, jwalo ka ha ho lebeletswe ho ya ka Molao wa Motheo, mme e le mosebetsi o hlokehang le wa maemo, o tla hlompha le ho phahamisa ditokelo, ho kenyeletswa tshebdiso ya puo ya baahi bohle ba porovense ya bona.
Ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng e mong le e mong o tla sebeletswa ka ho bua puo ya hae le ho mo ngolla ka yona kapa ka puo eo a ikgethelang yona ho ya ka ditlhoko tsa Molao wa Motheo le ho ba teng ha mehlodi e ka thusang. Ho ya ka pehelo ya pokello ya dintlha tsa phuputso tse hlalositsweng ka tlasa sehlohwana sa 8, tshebediso ya dipuo tsa naha e opelwa diatla ebile e kgothaletswa ho tswela pele , empa moo sephetho se leng tlase teng, mekgwa ya ho ntshetsa pele ditlhoko tsa maemo tse amohetsweng le tse potlakisitsweng.
PUO E SEBETSANG YA REKOTO
Puo ya rekoto ya mosebetsing e ngotsweng Mmusong wa Porovense ya Kgauteng e tla bay a Senyesemane , mme dikgatiso tsa phetolelo di tla ba teng ha di kotjwa ka dipuo tse ding tsa semmuso le ka Boreile moo ho ka kgonehang teng. Moo ho bonahalang e le taba ya bohlokwa teng, ditokomane tse ding di tla fetolelwa palong efe kapa efe ya dipuo tse leshome tsa semmuso, mme di phatlalatswe ka ntle le hore di kotjwe. Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng le tla tswela pele ka ho hlahisa direkoto tsa dingagngisano bonyane ka dipuo tse nne tsa semmuso.
Senyesemane le sona se tla sebediswa e le mokgwa wa ho buisana mabapi le tshebedisano ya ka lefapheng le tshebdisano ya mmusong ya kgokahanyo.
PUO YA KGOKAHANYO
Puo ya kgokahanyo ya ka ntle le ya ka hare e tla tataiswa ke tshebediso ya dipuo tse ngata moo boikgethelo ba dipuo bo tla sebetsang ho ya ka sepheo, dikahare, ho ba teng ha mehlodi le bamamedi ba puo. Tshebediso ya puo ditshebeletsong tse ka pele tse jwalo ka dipetlele tsa setjhaba, diteishene tsa sepolesa, dibaka tsa tshebeletso ya setjhaba, diofisi tsa bodulo le Lekgotla le Etsang Molao la Kgauteng le lokela ho tswela pele ka ho fana ka diforomo tsa ditshebeletso ka bonyane dipuo tsa naha tse fetang e le nngwe kapa moo hlokehang teng haholo e be ka dipuo tse leshome le motso o le monga tsa semmuso. Re tlameha ho tiisa hape hore ho bat eng ha mehlodi e tla ba e nngwe ya dintho tse tla lekanyetsang.
Thutong, Moralo wa Puo wa Porovense ya Kgauteng o amohela puo ya kgokahanyo le ya ho ruta dikolong jwalo ka e amohetswe ho SASA le Leano la Puo Thutong.
Leano la Puo Thutong porovenseng e tlameha ho lekolwa e le karolo ya Moralo wa Leano la Puo la Kgauteng mabapi le ntshetsopele ya puo thutong.
KGOKAHANYO YA MATJHABA
Kgokahanyo ya Mmuso wa Porovense ya Kgauteng matjhabeng e ye e be ka Senyesemane kapa ka nakwana ka puo e batlwang ya naha eo ha ho ka kgoneha.
PHAHAMISO YA PUO
Diyuniti tsa Kgokahanyo tsa mafapha a Mmuso wa Porovense a Kgauteng a etelletsweng pele ke Mookamedi ya ka Sehloohong: Dikgokahanyo tsa Mmuso le Ditshebeletso tsa Tsebiso ofising ya Moporemiri di tla thusa le ka ho tataisa Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ka mananeo a tla totisa ho phahama ha dipuo tsa semmuso le dipuo tse ding tse tsamaelanang le Molao wa Motheo. Lefapha le leng le le leng la Mmuso wa Porovense wa Kgauteng le tla fumana ditshebeletso tsa puo tsa lona.
Ka selemo foramo ya kgokahanyo ya Mmuso wa Porovense wa Kgauteng e tla, ho ya ka diphuputso tsa yona, ho kenyeletswa ho hlokomela le ho lekola ho phethahatswa ha phahamiso ya puo le mananeo a ntshetsopele a phethwang ke mafapha a Mmuso wa Porovense wa Kgauteng. Se etsahalang ka mora moo se tla laola hore ho sebetswe jwang le boholo ba ho thusa jwalo bo tla itshetleha hodima mehlodi e teng.
Lefapha la Thuto ka bolona le tla phamisa le ntshetsapele dipuo tse ileng tsa kotelwa mehleng e fetileng jwalo ka ha SASA le Leano la Puo Thutong le boletse.
Jwalo ka karolo ya mesebetsi ya lona, Komiti ya Puo ya Porovense ya Kgauteng e tla eletsa Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ka ditaba le merero e tla thusa ho phahamisa le ho ntshetsa pele dipuo haholoholo dipuo tsa naha tse neng di le ka mosing mehleng e fetileng.
Ho tlameha hore ho hlaloswe hore boholo boo phahamiso le ntshetsopele ya puo bo bang ka teng bo tla tswa ka kabo ya tekanyetso ya tjhelete le mehlodi e teng.
HO THEHA MATLA
Ho thehwa ha makala a mang le hore setjhaba se tsebiswe ka puo eo se ikgethetseng sona, le tshebediso ya dipuo tsa sona e tla ba le matla ho ntshetseng pele moifo makaleng ao le mafapheng a Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ka kakaretso.
Qetellong basebeletsi le baemedi ba setjhaba boemong ba Mmuso wa Porovense wa Kgauteng ba tsebe tse ding kapa boholo ba dipuo tsa semmuso e le ka sepheo sa ho phethahatsa ho thusa ka ho phethahala le ka bokgoni.
Dintshetsopele tsena ka lebaka lena di hloka hore mafapha a ikemisetse ho reupella le ho ntshetsa pele moifo wa bona o sebetsanang le batho o ka pele ka ho buisana le setjhaba ho ya ka metheo ya Batho Pele.
Ka ho sebetsa mmoho ka ho ntshetsa pele dipuo tsa naha le fetoha ha ka mehla ha bodulo ba batho, ho tla lokela hore, ka tshebetso ya dilemo tse hlano, ho lekolwe hape moralo wa leano ho lekanyetsa hore o sa ntse o loketse dinako tseo ka karolo kapa ka ofela ha ona.
